MELAETSA YA BOHLOKWA
KE YA ITSHIRELETSA (PRETORIA), NA WENA? (RAPOLASI)
TSHEPELA HO E MONG ? TSEBA MOAHISANI WA HAO!
MORERO WA TSHIRELETSO WA DIBAKENG TSA MAHAENG KE WA LONA, - ETSANG HORE O SEBETSE KA SEBELE!
BALA, ITLWAETSE MME O BE LE SEABO LENANEONG LA BIS!
BA DITSHEBELETSO TSA SEPOLESA SA AFRIKA BORWA BA BATLA HO SEBEDISANA LE BORAPOLASI THIBELONG YA DIPHUTUHELO TSA MAPOLASING!
RONA (BA DITSHEBELETSO TSA SEPOLESA SA AFRIKA BORWA) RE SE RE ITOKISEDITSE HO SEBELETSA MEHLODI YA RONA YA THUSO (BORAPOLASI) E FEPANG SETJHABA SA RONA!
Fense e potolohang ntlo e na le diheke tse notlelwang e betere ho ena le lebota le phahameng hobane o kgona ho bona ho etsahalang. Terata e sehang, terata e meutlwa e hlabang, makotikoti a sa tshelang letho kapa ditshepe tse llang di ka tlamellwa fenseng ho eketsa mokgwa wa temoso nako e sa le teng. Hopola, diheke di tlameha ho dula di notletswe.
Diheke tsa tshireletso tse nang le dinotlolo tse matla ka pele ho lemati le leng le le leng le ka ntle, ekasitana le ditshepe tse thibelang mashodu ho kena tse kentsweng fenstereng ka nngwe. Boloka diheke tsa tshireletso di notletswe ka dinako tsohle.
Heke ya tshireletso ka hara ntlo, e arolang diphaposi tsa ho robala le diphaposi tse ding tsa ntlo, e ka ba bohlokwa haholo ha ho ka etseha hore ho be le motho ya ka kenang ka tlung. Ho tshwanetswe hore ho kengwe le sesebediswa sa ho hokahana le batho ba bang tlasa maemo a tshohanyetso sebakeng sena.
Ka dinako tsohle, dithunya di tshwanela ho ba dibakeng tseo di ka fumanehang ha bonolo ha di batleha, mme ha ho kgoneha se ka dula mothong. Etsang bonnete ba hore ka mehla le isa dibetsa tsa lona ho ya hlahlojwa hore di ntse di sebetsa hantle le hore motho ya tshwereng sebetsa o a tshwaneleha ho sebedisa sebetsa seo.
Phala ya mokgosi marulelong, e be le diswitjhi tse mmalwa ka tlung, yona e ka utlwahala le hole ha mekgwa e meng ya dikgokahano e hloleha o sebetsa. Ke ntho ya bohlokwa ho hlahloba disebediswa tsena nako le nako ho bona hore di ntse di sebetsa hantle le hore di ntse di utlwahala le ha o le hole haholo.
Dintja le dikgantshi tse lebelang ke mokgwa o motle wa ho lemosa. Di boloke di notlelletswe haufi le ntlo e le hore batho ba sa tsejweng ba se ke ba di bona ha bonolo.
MATSHWAO A LEMOSANG PELE HO NAKO
Batho ba tswang ka ntle ba leng tikolohong ya lona kapa ba ntseng ba solla tikolohong ya lona ntle ho lebaka.
Dikoloi tse sa tsejweng tse sebedisang mebila ya mapolasing kapa ba bile ba behile diahelo tsa bona tsa nakwana tikolohong. Hlokomela mehlala e sa tlwaelehang.
Ho tloha setlwaeding ha boitshwaro ba mosebeletsi. Ho ja kapa ho reka dijo tse ngata ho feta tlwaelo ke basebetsi. Phetoho ya boitshwaro ba basebetsi ka potlako feela ka mora ho hirwa ha motho e mong e motjha.
Ho shwa ha ntja e lebelang ka tsela e ke keng ya hlaloswa.
Sheba bopaki ba ho ba teng ha batho ntle le tumello, mohlala, mabotlolo kapa makotikoti a sa tshelang letho, mabokoso a kenyang dintho tse itseng, dikgetjhana tsa dipampiri, dikonopo tse ka bang di kgaohile, masela a ka nna ba a tabohile, mehlala ya maoto kapa dieta, mello e tukileng moo ho neng ho hlonngwe diahelo tsa nakwana, mekoti ya metsi le meedi ya noka, masalla a dijo, ditompi tsa disakarete, mabokoso a sa tshelang letho, mantle, dithapo, jj.
Boshodu ba dijo, dibeso, mehlape le diphoofolo tse tsongwang.
Batho ba sa tsejweng ba etelang ha hao tlasa mabaka a utlwahalang e be ba leka ho sheba dintho tse ding ka ho ipata.
BOITSHWARO BO BONG BO BOTLE BO NANG LE TSHIRELETSO
Sebedisa ditokelo tsa hao jwalo ka monga polasi. Batho ba sa tsejweng ba kenang polasing kapa basebetsi ba etileng ba lokela ho fumana tumello ya hao pele. Hokahana le ba seteishene sa heno sa Ditshebeletso tsa Sepolesa sa Afrika Borwa mabapi le se dumellwang ke Molao hore o se etse le hore hoo o ka ho sebedisa jwang polasing ya hao
Basebetsi ba mapolasing
Bopang dikamano tse ntle le basebetsi ba bang.
Bolokang dikhopi tsa ditokomane tsa Boitsebiso tsa basebetsi bohle.
Kgothaletsang basebetsi bohle ho fadimeha bakeng sa tshireletso le ho tlaleha bonokwane bohle.
Lefa basebetsi ba hao bakeng sa ditemoso le ditsebiso tse molemo.
O se ke wa dumella motho ofe kapa ofe polasing ya hao kapa ka tlung ya hao pele o ka mo tseba ka botlalo, haholoholo bosiu.
Disebediswa tsohle tse ka sebediswang jwalo ka dibetsa di lokela ho notlellwa ha di sa sebediswe.
Tlosa dinotlolo makoloing ohle ha a sa sebediswe.
Ha o tloha lapeng, itlwaetse ho tsebisa ba lelapa hore o ya ho kae, hore o tla tsamaya ka tsela efe, le hore o tla kgutla neng.
Hlahloba thelefono ya hao kgafetsa ho etsa bonnete ba hore e sebetsa hantle. Etsa hore ba ho kenyetse thelefono ya hao sebakeng seo o ka se fihlelang ha bonolo le ha o le nqeng efe kapa efe ya ntlo, mme e se ke ya ba moo o ke keng wa sireletseha ha ho ka etseha hore o sutjwe ka sethunya fenstereng.
E ba le taolo e matla ya dinotlolo tsa hao ho thibela hore ho se etswe dikhopi tse ding tsa tsona.
Ka mehla tshwara totjhe letsohong bosiu, mme ha o sebedisa totjhe etsa bonnete ba hore ha e etse hore o bonahale moo o emeng teng.
Nka mehato ya tshireletso kgahlano le boshodu ba dibeso le thepa e nngwe.
Fapanya dintho tseo o tlwaetseng ho di etsa letsatsi le letsatsi.
Itlwaetse ho se robale hang ka mora ho ba o time mabone bosiu. Dula o ntse o shebile bakeng sa nakwana. O se ke wa robala sebakeng se tla etsa hore o bonahale ka ntle.
O se ke wa ema ka pela difenstere ha o bula kapa o kwala dikgaretene. Sutha le kgaretene hore o se ke wa etsa hore o tle o kgonwe ho ka ntshiwa kotsi ha bonolo hobane o bonahala moo o leng.
Nka ditshwantsho le kgatiso tsa menwana tsa basebetsi bohle. Le ha tsena di ke ke tsa sebediswa, tsona di ntle haholo bakeng sa thibelo.
Ho ikwetlisa ho thunya ka polasing kgafetsa (ka ho ya ka mehato e bolokehileng) ke thibelo e nngwe e ntle ya bao ba ka bang dinokwane.
Tsebisa bana ba hao ka mekgwa e nepahetseng ya ho araba thelefono le hore ba qobe ho bua nako e telele le batho ba sa ba tsebeng thelefonong kapa ba se amohele dimpho ho tswa bathong ba sa ba tsebeng.
Nahana - o se ke wa tshoha. Taolo ke yona ntho e ka pele tshireletsong ya hao.
Lekola maemo ? na ho na le motho ya haufi? Etsa lerata le lengata ka ho ya ka moo o ka kgonang.
Ha o kgothaletswe hore o lwantshe motho ya ho futuhetseng ntle le ha e be hoo ho tla etsa hore o kgone ho baleha KA YONA NAKO EO.
Ha ho ka etseha hore o lwantshane le yena, o se ke wa senya nako. Ntsha motho ya ho futuhetseng kotsi. Etsa hore a se ke a kgona ho tsamaya ka ho sebedisa mekgwa ya boitshireletso ho fihlela o fumana thuso kapa o kgona ho baleha.
Ha ho sa kgonehe hore o mo lwantshe, sheba matshwao ao o ka mo hopola ka ona. Sheba hore a ka be a le dilemo di kae, botelele ba hae, mmala wa moriri, mabadi, diaparo, ka moo a buang ka teng le mekgwa ya boitshwaro ba hao.
Leka ho siya bopaki bo bongata ka ho ya ka moo ho ka kgonehang sebakeng seo o futuhetsweng ho sona. Dikgatiso tsa menwana, disakatuku, mabenyane kapa ntho efe kapa efe e tla thusa hore batho ba tsebe ka yona ha morao.
Batho ba bang ba bileng diphofu ba kgonne ho itokolla bafutuheding ba bona ka ho buisana ha monate le bona (leqheka la ho ipuella hore o be o lokollwe).
